Lehlohonolo setlai Ramotheba from the United Kingdom
January 6 at 10:50 am
Ha Ramotheba Berea Teyateyaneng.
YHWH kele Lehlohonolo Lawrence setlai ke ikopela hore o nhlolele ho lira tsohle tsaka tse ntoantsang empa Nna kesa li lemohe e sita le bao keba bonang e be uena ea nhlolelang bona.leho sera se sotlang moea oaka le nama eaka o nhlolele bona ka matla a hau YHWH. Mofu ohle ao kenang le ona a tsoe 'meleng oaka ka matla a hau YHWH.Bokhopo bohle bo etsoang ho Nna ho nhlokisa katleho o nhlolele ho bona YHWH. Ke kopa o rarolle le leme laka e sita le kelello eaka le pono eaka e khutlele ho Nna.Moea o mobe o rometsoeng ho Nna o tsoe le tsohle tsa oona.ke kopa bophelo bo botle e sita le lelapa le nang le khotso e sa feleng le hore le Nna lefatseng ke phele ka bolokolohi bohle ke phele hoea ka thato eaka.O nhlolele hoea mobe.Lira tsohle tsaka ke lihlole ka matla a hau YHWH. Ke kopa leruo le Ntekaneng le tsoang ho uena YHWH hoba ke uena ea nang le matla.ke kopa sehlahlo le mafolofolo holima sohle seo kese etsang YHWH.ke kopela lelapa la heso khotso.
Responses
No responses yet.